MOLAO WA TAOLO YA DIHLAHISWA TSE SENYEHANG TSE ROMELWANG NTLE WA 1983
Sengolwa sa Afrikaans se tekennweng ke Moporesidente wa Naha jwalo ka ha se lokisitswe ke
Molao
Ho lokisetsa taolo ya dihlahiswa tse senyehang tse reretsweng thomelo ntle ho tswa Rephaboliking ya Afrika Borwa le tse ding tse amanang le tsona.
Ditlhaloso
Molaong ona, ntle le ha maemo a hlalosa ka mokgwa o mong-
boto? e bolela Boto Taolo ya Dihlahiswa tse Senyhang e boletsweng karolong ya 2;
moromela ntle? e bolela motho ofe kapa ofe ya tsamaisang kapa ya rwalang sehlahiswa se senyehang ho tswa ka hara Rephaboliki kapa ya lokisetsang thomelo kapa ho ralwa ha sehlahiswa se senyehang ka ntle ho Rephaboliki; le thomelo ntle? e na le tlhaloso e tsamaelanang le yona;
motsamaisi ya akaretsang? e bolela motsamaisi ya akaretsang ya hlalositsweng karolong ya 13;
Letona? e bolela Letona la Ditaba tsa Dipalangwa;
sehlahiswa se senyehang? e bolela e nngwe ya dihlahiswa tse latelang tse reretsweng thomelo ntle, le sehlahiswa sefe kapa sefe se tswang ho seseng se jwalo, moo sehlahiswa se jwalo kapa se tswang ho sona se hlokang ho bolokwa dibakeng tse nang le dihatsetsi kapa se hloka ho nkuwa se le ka hara dibaka tse batang, e leng meroho, ditholwana, dipalesa, botoro, dijo tse bolokwang dihatsetsing tse batang, mahe, kase, tlhapi (ho kenyelletsa shellfish le crustacean), nama le sehlahiswa sefe kapa sefe se seng seo Letona ka tsebiso Koranteng ya Mmuso a ka bolelang e le sehlahiswa se senyehang;
kou? e tla bolela lebala la boemela dikepe kapa la boemela difofane;
molawana? e bolela molawana o entsweng tlasa Molao ona;
sekepe? e kenyelletsa sefofane; le ?thwalo ka sekepe?, ?monga sekepe?, ?tse rwetsweng ka sekepe?, ?tsamaiso ka sekepe? le ?sebaka sa thwalo ka sekepe? se na le ditlhaloso tse tsamaelanang.
Boto ya Taolo ya Dihlahiswa tse Senyehang tse Romelwang Ntle e dulang e le teng
Boto ya Taolo ya Dihlahiswa tse Senyehang tse Romelwang Ntle, e thehilweng ho latela Molao wa Taolo ya Dihlahiswa tse Romelwang Ntle tse Senyehang, 1926 (Molao wa 53 wa 1926), o tla, ho sa natswe ho hlakolwa ha Molao oo ke Molao ona, dula o ntse o le teng mme o tlka dula e le motho ho latela molao.
Sepheo sa boto e tla ba ho etsa thomelo ya dihlahiswa tse senyehang ho tswa ka hara Rephaboliki e lokele le ho nepahala.
Ho thehwa ha boto
Boto e tla thehwa ka ditho tse latelang, tse tlang ho thonngwa ke Letona, e leng-
a batho ba tsheletseng, bao e mong le e mong a tlang ho emela se le seng sa dihlopha tse tsheletseng tse kgolo ka ho fetisisa tsa diromelwa ntle, tse hlaloswang ho ikamahantse ka boholo ba diromelwa ntle tsa selemo ka seng, ho latela pehelo ke boto, ho latela dilemo tse hlano ka tatellano ya tsona tse latelang selemo seo motho eo a ileng a thonngwa ka sona e le setho;
b motho a le mong wa tlatsetso ho emela sehlopha ka seng sa diromelwa ntle seo boholo ba diromelwa ntle tsa sona tse selemo ka seng, ho netefaditsweng, di feta peresente tse 20 tsa boholo ba diromelwa ntle tsa selemo ka seng, tse netefaditsweng, tsa dihlahiswa tsohle tse senyehang;
c motho a le mong ya kgethuweng ke Setlamo sa Dilengwa sa Afrika Borwa ho emela ba sa emelwang ho ba romelang thepa ntle ho ya ka seratswana sa a kapa b; le d motho a le mong ya behuweng ke Letona.
a Bakeng sa ho thonngwa ho hong le ho ho hong ho latela seratswana sa a, b kapa c tsa karolwana ya 1, Letona le tla etsa sehlopha sa thomelo ntle se seng le se seng se boletsweng serapeng seo a kapa b le Setlamo sa Temo sa Afrika Borwa se boletsweng serapeng seo sa c di mengwe ka lengolo ho kenya ho yena, nakong e tla beng e boletswe lengolong, mabitso a batho ba bararo, bao ho thonngwa ha bona hohle ho latela seratswana se boletsweng a, b kapa c ho ka etswa ho Letona.
b Ha e ba, ka mora ho mema ka lengolo ho latela serapa sa a, sehlopha se bolelwang se hloleha ho kenya mabitso a boletsweng nakong e hlalositsweng lengolong le jwalo, Letona le ka thonya motho kapa batho ba hlokehang ho ya ka moo le bonang balokela, ho ba setho kapa ditho tsa boto ho latela serapa se amehang sa karolwana ya 1.
Letona le ka thonya ho latela kgothaletso ya boto maemong a jwalo le bakeng sa nako e tlang ho behwa ke lona, motho e le setho sa tlatsetso sa boto, lebakeng la ho itseng.
Dithuto tsa ditho tsa boto le mabaka ao ba ka tlohelang ho ba ditho
Ha ho na motho ya ka behwang ho ba setho sa boto-
a ha boemo ba hae ba ho se kgone ho lefa melato bo sa fetoha; kapa b a kile a tshwarelwa tlolo ya molao le ho kwallwa ntle le ho ka kgetha ho lefa.
Setho sa boto se tla tlohela kantoro ya sona-
a ha se ka tlohediswa ho thonngwa ha sona ho hlalositsweng karolwaneng ya 1;
b ha se ka hlokahala;
c ha se ka itokolla jwalo ka setho;
d ha se ka se kenele dikopano tse tharo tsa boto ka tatellano ntle le lifi ya boto; kapa e ha se ka tlohediswa kantoro ya sona ho latela karolwana ya 3.
Setho sa boto nako e nngwe le e nngwe se ka ntshuwa kantorong ya sona ke Letona-
a ka kgothaletso ya boto kapa sehlopha sa diromelwa ntle kapa Setlamo sa Temo sa Afrika Borwa;
b ha se ka hloleha ho ikamahanya le pehelo ya ho thonngwa ha sona;
c ha ho ya ka maikutlo a Letona se molato wa boitshwaro bo sa lokang; kapa d ha ho ya ka maikutlo a Letona se sa kgone ho sebetsa ka ho phethahala mesebetsi ya sona jwalo ka setho sa boto.
Modulasetulo le motlatsi wa modulasetulo wa boto
Ditho tsa boto di tla kgetha modulasetulo le motlatsi wa modulasetulo lenaneng la tsona
Ha kantoro ya modulasetulo kapa motlatsi wa modulasetulo e se na motho ka lebaka lefe kapa lefe ntle feela le ho fela ha nako, ditho tsa boto tla, kopanong ya pele ka mora hore ho hlahe sekgeo se jwalo kapa ka pele ho moo ho latela tlhokeho, di tla kgetha modulasetulo kapa motlatsi wa modulasetulo lenaneng la bona, ho ya ka moo ho hlokehang, mme setho se kgethuweng se tla kena kantorong bakeng sa karolo ya nako e sa kang ya fela eo ya neng a le moo pele ho sona a ne a kgethuwe.
Ha e ba ka lebaka le ha e le lefe modulasetulo ha a kgone ho sebetsa, motlatsi wa modulasetulo o tla etsa mesebetsi yohle le ho sebedisa matla ohle a modulasetulo.
Modulasetulo kapa motlatsi wa modulasetulo wa boto a ka tlohela kantoro ya hae a sa ka a kgaola botho ba hae botong.
Nako ya tshebetso ya ditho tsa boto
Setho sa boto se tla thonngwa bakeng sa nako, e sa feteng dilemo tse tharo, ka dipehelo tse ka hlaloswang ke Letona ka nako ya ho thonngwa.
Setho sa boto se tla tswelapele ho tshwara kantoro ka mora nako eo se e thonyeditsweng e fetile ho fihlela ya tlang ho kena sebakeng sa hae a thontswe kapa a boetse a thonngwa hape, empa e seng bakeng sa nako e fetang dikgwedi tse tharo.
Dikgeo botong
Ha sekgeo sa setho sa boto se hlaha pele ho hore nako ya ho fellwa eo se neng se e thonyeditswe, Letona, ho itshetlehilwe ka dipehelo tsa karolo ya 4 le 5 1, le ka thonya motho e mong e le setho, bakeng sa karolo ya nako e sa kang ya phethelwa tlasa dipehelo tseo Letona le ka di behang.
Ha e ba Letona le kgotsofetse hore setho sa boto ka lebaka le ha e le lefe ha se kgone ho sebetsa, Ltona le ka thonya motho le ha e le ofe e mong yeo le mmonang a ka kgona (eo ka mora mona a tlang ho bitswa setho se tshwaretseng) tlasa dipehelo tseo Letona le ka di behang, ho sebetsa boemong ba setho ha se ntse se sa kgone ho sebetsa.
Tefo le ditumello tsa ditho tsa boto
Setho kapa setho se tshwaretseng sa boto se sa sebeletseng Mmuso ka nako tsohle se tla lefuwa ho latela mosebetsi wa sona jwalo ka setho se jwalo, ho tswa matloleng a boto tefo e jwalo le ditumello tsa ho tsamaya le tshehetso ho latela ka moo boto e di behileng ka teng.
Mesebetsi ya boto
Boto e tla-
a laola tsamaiso ya thomelo ntle ya dihlahiswa tse senyehang ho tswa ka hara Rephaboliki le ho laela tsamaiso dikoung kaofela;
b hlalosa hore ke dikepe difeng tse tlang ho lokela ho tsamaisa dihlahiswa tse senyehang le sehlopha seo bodulo ba sehlahiswa le ha e le sefe se senyehang se tlang ho di fuwa;
c bitsetsa le ho amohela ho tswa ho baromela ntle ba ikemiseditseng ho tsamaisa dihlahiswa tse senyehang tse akantsweng le dintlha tseding tse mabapi diromelwa ntle tse reretsweng thomelo;
d bitsetsa le ho amohela ho tswa ho beng ba dikepe kapa baemedi ba bona tsebiso e mabapi le bokae ba tefo bakeng sa sebaka se loketseng ho tsamaiswa ha dihlahiswa tse senyehang tse teng sekepeng le ha e le sefe se thonyeditsweng ho bitswa koung le ha e le efe ka hara Rephaoliki;
e etsa dipatlisiso, rerisana le ho fana ka konteraka kapa ho seng jwalo ho hlophisetsa phano ka ditshebeletso tsa kou le sebaka sa thwalo ka dikepe bakeng sa ho tshwarwa le ho tsamaiswa ha dihlahiswa tse senyehang ho latela ka moo ho bonwang ho hlokeha ka teng ke boto;
f etsa hore ho fetolwe, ha boto e bona ho hlokeha, tsamaiso ya dihlahiswa tse senyehang ho ya ka maiutlo a boto e leng tse loketseng ka ho fetisisa;
g etsa dipatlisiso mabapi le ho tsamaiswa le poloko dibakeng tse batang ho hlokehang ha dihlahiswa tse senyehang le ho etsa dikgothaletso tsa hoo ho lefapha la Mmuso kapa motho ofe kapa ofe ya nang le kgahleho;
Serapa sa (g) se nketsweng ke karolo 36 ya Molao wa 52 wa 1991.
h etsa dikgothalletso tse mabapi le mokgwa wa tshwaro ya dihlahiswa tse senyehang ha di tloswa ho tswa le ho leba diloring tsa seteshene, dipalangwa tse ding kapa dibakeng tse nang le dihatsetsi;
i kgothaletsa ditefo tse tshwanang tse mabapi le thomelo ntle ya dihlahiswa tse senyehang, ka tumello e loketseng dihlahiswa tse ikgethang tse senyehang, dikou tsa thomelo ntle le mekgwa ya tsamaiso.
j phetha mesebetsi e mabapi le thomelo ntle ya dihlahiswa tse senyehang ho tswa Rephaboliking jwalo ka ha ho ka hlokeha ho latela molawana.
Matla a boto
Hore e fihlelle merero ya yona le o phetha mosebetsi wa yona, boto e ka-
a thonya, ka dipehelo tseo e ka di behang, batho e le bahlanka le basebetsi ba boto le ho beha kapa nehela mohlanka ya jwalo kapa mosebetsi matla kapa mosebetsi wa o fuwang kapa nehelwang boto ke kapa tlasa molao ona: Ho itshetlehile ka hore boto ha e na nkelwa matla afe kapa afe kapa mosebetsi o fuweng kapa nehetsweng le ho fetola kapa ho tlohela qeto e entsweng ke mohlanka kapa mosebeletsi ya jwalo ho phethweng kapa etsweng ho latela matla kapa mosebetsi oo ho fanweng kapa nehelanweng ka ona;
b lefa motho ofe kapa ofe ya khirong ya yona tefo ho latela dipehelo tsa khiro ya hae, ho itshetlehile, maemong a motsamaisi ya akaretsang, tumelong ka Letona;
c beha melao e hlalosang dipehelo tsa tshebetso tsa batho ba e sebeletsang;
d reka kapa rekisa, kapa ho batla kapa lahla ka mokgwa ofe kapa ofe o mong, kapa ho hira kapa ho hirisa kapa ho nkela qetothepa e nngwe le e nngwe eo ho leng bobebe ho e tsamaisa kapa ho se e tsamaisi;
e thonya dikomiti tse thehuweng ka ditho tsa boto le batho bafe kapa bafe le, ho ikamahantswe ka dipehelo tseo boto e ka di bonang di loketse, ya beha kapa fana ho komiti efe kapa efe e jwalo a mang a matla kapa mesebetsi ya yona jwalo ka ha e ka bona ho loketse;
f theha letlole la polokelo le sa tlong ho feta tjhelete e dumelletsweng ke Letona nako le nako, bakeng sa mabaka a kang, a mabapi le karolo ya 187, e ka bonang a lokela;
g buisana le beng ba dikepe kapa batho ba bang le ho kenela dikonteraka le bona mabapi le thomelo ntle ya dihlahiswa tse senyehang ho tswa Rephaboliking/
h etsa kapa etsa hore ho etswe phuputso e amanang le dihlahiswa tse senyehang, ditjhelete tseo kapa ho kenya tjhelete ho yona le ho fumana diphetho tsa phhuputso le ha e le efe e amanang le dihlahiswa tse senyehang, le ho etsa dintho tse hlokehang kapa tse molemo ho phethweng ha mesebetsi ya yona
Dikopano tsa boto
Boto e tla kopana dinakong le dibakeng tseo modulasetulo kapa, ha a le siyo, motlatsi wa modulasetulo a tlang ho di beha.
Modulasetulo o tla etsa tsebiso e hlokehang hore e fuwe setho sefe kapa sefe ka nako le sebaka sa kopano ka nngwe ya boto.
Modulasetulo kapa, ha a le siyo, motlatsi wa modulasetulo o tla etela pele dikopano tsohle tsa boto, mme ha e ba bobedi modulasetulo le motlatsi wa modulasetulo ba le siyo kopanong ya boto, ditho tse teng di tla kgetha motho e mong ho tsona ho ba mookamedi kopanong e jwalo.
Qeto ya bongata ba ditho tsa boto tse leng teng kopanong ya boto e tla ba yona qeto ya boto mme, moo e leng hore ho na le tekano ya divoutu ntlheng le ha e le efe, motho ya okametseng kopano e jwalo o tla ba le voutu e eketsang voutu eo a neng a e buella.
Lenane le lekaneng bakeng sa kopano ya boto le tla etswa ke ditho tse nne tse emetseng dihlopha tse bonnyane tharo tsa baromela ntle, le motho ya okametseng kopano.
Motsamaisi ya akaretsang
Boto e tla beha mohlanka ya e sebeletsang e le motsamaisi ya akaretsang, ya tlang ho ba mohlanka ya ka sehlohong wa boto ya nang le matla a ho tsamaisa le ho laola mosebetsi o dumelletsweng ke boto le ho ba mookamedi wa bahlanka ba bang le basebetsi ba bang ba leng khirong ya boto.
Kakanyo e sa nepahalang ya tlhokeho ya sebaka sa thomello ka dikepe
Nakong efe kapa efe eo moromedi ntle ya ileng a fa boto kakanyo ya diromelwa ntle ho ya ka karolo 10 (c) a hloleha ho romela ntle palo e akantsweng mme ka baka la ho hloleha ho jwalo boto ya se kgone ho hlophisetsa keno ya sebaka sa peho e konterakilweng ka tshepo ya e behuweng kakanyong e jwalo e neng e tla be e sebedisitswe ha e ne e se ka ho hloka bokgoni bo jwalo, boto e ka mo batla tefello ya sebaka se jwalo sa thomelo ntle se sa kang sa sebediswa kapa tjeho e nngwe eo ho ya ka maikutlo a boto e ka batlwang ke monga sekepe ka lebaka la ho hloleha ho jwalo, mme tefello e jwalo e tla ba molao o tlang ho jarwa ke moromela ntle ho boto mme e ka bokellwa ke boto ho yena.
Boipiletso kgahlano le ketso kapa qeto ya boto
Motho ofe kapa ofe ya nang le ho se kgotsofale ke ketso kapa qeto ya boto a ka, ka mora ho tsebisa boto ka mokgwa o hlalositsweng molawaneng, nakong ya matsatsi a 30 mohla wa ketso kapa qeto e jwalo a ipiletsa ho Letona ka mokgwa o hlahellang molawaneng kgahlano le ketso kapa qeto e jwalo.
Boto nakong ya matsatsi a 14 ka mora mohla oo tsebiso e hlahellang karolwaneng ya 1 e fumanwe, e tla fa Letona ka mabaka a ketso kapa qeto e amehang.
Letona le, ka mora tekolo ya mabaka a behuweng le maemo a moipiletsi a boipilets, la dumela, fetola kapa la qhala ketso kapa qeto a boto e amehang.
Dipehelo ka boto
Boto nakong ya dikgwedi tse tsheletseng ka mora ho fela ha selemo sa ditjhelete se tlang ho fela ka la 31 Tshitwe e tla fa Letona le baromela ntle ba ngodisitsweng bohle pehelo mabapi le mesebetsi ya yona ya selemong seo sa ditjhelete.
Pehelo e nngwe le e nngwe e hlahellang karolwaneng ya 1 e tla tsamaya le leqephe la tekanyo ya ditjeho, le hlahobilweng ho latela karolo ya 1810, setatemente ka botlalo, se hlahlobilweng, sa lekeno la boto le ditjeho mabapi le selemo sa ditjhelete.
Letona ; le tla teka pehelo e nngwe le e nngwe, leqephe la tekanyo le setatemente sa tekanyo ya lekeno le ditjeho tse fanweng ho latela karolo ena Tafoleng ya Seboka sa Palamente nakong ya matsatsi a 30 ka mora ho di fumana, ha Seboka sa Palamente se le ka mokgwa o tlwaelehileng, kapa, Seboka sa Palamente se se kopanong e tlwaelehileng, nakong ya matsatsi a 30 ka mora ho qalwa ha nako e latelang kopano e tlwaelehileng.
Ho behwa ha lekgetho
Boto e ka, ka morero wa ho sebetsana le ditjeho tse fumanweng ke boto ha e etsa mesebetsi ya yona ho latela Molao ona le melawana, ka tsebiso Koranteng ya Mmuso ya beha lekgetho la dihlahiswa tse senyehang tse ileng tsa romelwa selemong le ha e le sefe tlasa konteraka kapa tlhophiso e entsweng ke, ka kapa le tumello ya boto.
Lekgetho le amehang le ka lefuwa ke moromedi ntle wa sehlahiswa se senyehang seo lekgetho le behuweng ho sona ho boto ka mokgwa oo le ka dinako tse ka behwang ke molawana.
Lekgetho le amehang le ka se tshwane ho ya ka mofuta wa sepalangwa se sebedisitweng thomelong ntle e jwalo le ho se tshwane ho latela mekga kapa mefuta ya dihlahiswa tse senyehang le ho fapana ho latela kakaretso ya boholo ba sehlahiswa le ha e le sefe se senyehang se romelwang ntle ke baromedi ntle bohle ba sehlahiswa seo se senyehang nakong le ha e le efe selemong se amehang.
Boto e tla kenya dikuno tsa lekgetho le amehang akhaonteng e boletsweng karolong ya 186.
Diakhaonte le tlhahlobo
Boto e tla boloka dintlha tse nepahetseng ka diakhaonte tsa ditjhelete tsohle tseo e di fumaneng le ditefo tso hle tse entsweng ke yona.
Boto hanghang ka mora ho fela ha selemo sa ditjhelete e tla hlophisa ditatemente tsa diakhaonte le leqephe la tekanyo ya tsona tse bontshang ka botlalo ditjhelete tse unnweng le ditjeho tse fumanweng ke yona hara nako, le thepa le dikoloto tse teng pheletsong ya, selemo seo sa ditjhelete.
Ka la kapa pele ho la 31 Tshitwe la selemo se seng le se seng boto e tla ananela kakanyo e kenelletseng ya lekeno la yona le lebelletsweng le ditjeho selemong se lateng.
Boto ha e na ho ba le ditjeho ntle le ho ya ka kakanyo ya ditjeho tse dumelletsweng ho ya ka karolwana ya 3.
Boto e ka, bohareng ba selemo sa ditjhelete, dumella mekenella ya dikakanyo tsa ditjeho bakeng sa selemo seo.
Boto e tla bula diakhaonte le dibanka mme e ka hlophisetsa maemo ao ho ka hulwang tjhelete e tlotseng moedi.
Ditjeho tsohle tse fumanweng ke boto ha e phetha mesebetsi ya yona ho latela Molao ona kapa melawana di tla lokiswa ka ditjhelete tse tswang akhaonteng le ha e le efe ya mofuta o jwalo mme, ha e ba ditjhelete tse jwalo di sa lekana, letlole la polokelo le thehuweng tlasa karolo ya 11 f.
Boto e ka laela hore ka mora tefo ya ditjeho tse jwalo letlole la polokelo le fuwe lekeno kapa karolo ya lona, akhaonteng e hlahellang karolwaneng ya 6.
Ha e le hore boto ha e laele kapa e laela hore karolo feela ya lekeno le amehang e kenngwe letloleng la polokelo le boletsweng, lekeno le jwalo kapa karolo e lekanang le lona, ho latela maemo, e tla busetswa baromedi ntle ba ileng ba lefa lekgetho hara selemo se amehang, ka mokgwa oo moromela ntle ka mong o fumana tjhelete e lekangna le bokae kaofela bo lokelang ho kgutliswa e le tjhelete yohle ya lekgetho e lefuweng ke motho e bontsha tjhelete yohle ya lekgetho e lefuweng nakong eo ya selemo ke baromedi ntle.
Boto e tla etsa hore dibuka tsa yona le diakhaonte di hlahlojwe selemo le selemo ke motho ya ngodisitsweng e le akhaontente ya setjhaba le mohlahlobi wa ditjhelete tlasa Molao wa Diakhaontente tsa Setjhaba le Bahlahlobi ba Ditjhelete, wa 1951 Molao wa 51 wa 1951, le ho thonngwa ke boto.
Boto e tla hlahisa le ho beha ka pela mohlahlobi wa tjhelete dibuka tsohle le diakhaonte tsa boto ka divoutjhara tsohle tse di tshehetsang, mme dibuka tsohle, dipampiri le mengolo e amanang le seo tse leng polokong kapa tlasa taolo ya yona.
Mohlahlobi wa ditjhelete ha a na ho dumella tefo e entsweng ntle le tumello ya boto, le ho tlaleha ho se dumellwe ho boto.
Ditjeho tsa kapa tse bakuweng ke tlhahlobo efe kapa efe di tla ba tsa boto.
Pokelletso ya tse lahlehileng le ditshenyo
Ha motho eo e leng kapa a neng a hiruwe ke boto a ile a etsa hore boto e be le tahlehelo kapa tshenyehelo hobane a-
b a kapa a ne a ikarabella tefong e seng molaong ka tjhelete ya boto kapa ka tefo ya ditjhelete tse jwalo e sa tshehetsweng ke voutjhara e nepahetseng;
c o kapa one a ikarabella ditjehong tse se nang molemo ka tjhelete ya boto ka baka la ho fosa ho ka ho se etse mosebetsi wa hae;
d o kapa o ne a ikarabella tahlehelo, kapa ho senngweng ha, kapa tshenyong ya ditjhelete tsa boto, ditempe, ditokomane tse hlalosa boleng le diforomo tse nang le boleng bo loketseng, disetjhuriti, disebediswa, dipolokelo kapa thepa le ha e le efe e nngwe ya boto;
e ka baka la ho se phethe mesebetsi ya hae, o kapa o ne a ikarabella ho tseka kgahlano le boto, motsamaisi ya akaretsang o tla lekanya tjhelete ya tahlehelo eo kapa tshenyehelo mme o tla, ho latela dipehelo tsa karolwana ya , tsebisa ka lengolo, taelo ya hore motho e a mo lefe, nakong ya matsatsi a 30 ho tloha ka tsatsi la tsebiso eo, tjhelete e hlalositsweng.
Ha motho ya leng khirong ya boto le eo ho ya ka karolwana ya 1 a ile a laelwa ho lefa tjhelete, a hloleha ho lefa tjhelete nakong e behuweng tsebisong e amehang, tjhelete eo e tla, ho ya ka dipehelo tsa karolwana 4, 6 le 7, o tla bokelletsa tjhelete mothong ya amehang ka mokgwa wa molao.
Ha motho ya ileng ho latela karolwana ya 1 a laelwa ho lefa a ile a, nakong e be3huweng tsebisong e amehang, tshepisa ho lefa tjhelete ka mekgahlelo, motsamaisi ya akaretsang a ka dumella tefo ka mekgahlelo e jwalo ho ya ka moo a ka bonang ho lokela: Ho itshetleha ka hore ha e ba phano e jwalo ya tjhelete eo ho latela tshepiso e sa tlo etswa nakong ya dikgwedi tse 12 tse baduweng ho tloha mohla oo mokgahlelo wa pele o lefuwang ka ona, tumello ya boto e tla fumanwa bakeng sa tefo nakong e fetang e hlalositsweng, boto e ka beha mehato le dipehelo tseo ka tsona tjhelete e tlang ho lefuwa.
Ha ka lebaka leha e le lefe motsamaisa ya akaratseng o na le maikutlo a hore tjhelete ya tahlehelo kapa tshenyo e hlahellang karolwaneng ya 1 e se kgutliswe kapa e kgutliswe karolo feela ho tswa mothong ya ikarabellang, a ka kopa boto ho lesa motho eo tefong ya kaofela kapa karolo ya tjhelete, mme boto ka boikgethelo ba yona ya dumella hore kaofela kapa karolo ya tjhelete e jwalo e sa kgutlisweng: Ho itshetlehile ka hore ha ho na tjhelete e tlang ho tlohelwa moo tlahehelo e jwalo kapa tshenyo e bile ka baka la boshodu kapa boqhekanyetsi ba motho eo.
Motho ya nang le dipehelo tsa karolwana ya 1 a ile a laelwa ho lefa tjhelete a ka nna, nakong ya matsatsi a 30 ho tloha letsatsing la taelo e jwalo, ka lengolo a kopa motsamaisi ya akaretsang, a hlalosa mabaka a kopo ya hae, e hlahellang karolwaneng ya 5, e lebiswe ho boto, mme ha motsamaisi ya akaretsang a hana ho phetha ho lebisa kopo e jwalo botong kapa ha boto e hana ho dumella, jwalo ka ha ho hopotswe karolwaneng e amehang, ya kaofela kapa karolo ya tjhelete e amehang e sa tlo kgutliswa jwalo ka ha ho kopuwe, motho ya jwalo o tla lokela hore nakong e etsang matsatsi a 30 ka mora a se a tsebisitswe ka lengolo ka kgano e jwalo, a ipiletse kgahlano le kgano e jwalo ho Letona, mme Letona le ka, ka mora phuputso eo le e bonang e loketse, la qhala boipiletso kapa la laela hore moipiletsi a leswe ka yohle kapa karolo, ho ya ka moo le ka bonang ho lokile le ho buelleha, tefong ya tjhelete e jwalo.
Motho eo ho ya ka karolwana ya 1 a ile a laelwa ho lefa, ho na le hore a ipiletse ho Letona ho ya ka kaeolwana 6, a ka etsa kopo nakong ya matsatsi a 30 ho tloha mohla taelo, kapa nakong e fetang moo e ka dumellwang ke lekgotla la dinyewe, ho lekgotla la dinyewe le nang le bokgoni bakeng sa taelo e tlang ho fedisa e fanweng pele kapa ho fokotswa ha tjhelete eo, mme lekgotla la dinyewe ka baka la kopo e jwalo, ha le sa kgotsofatswa ke motsamaisi ya akaretsang ka dintlha mabapi le nyewe hore taelo e entswe ka nepo kapa hore tjhelete e nepahetse, le ka fana ka taelo e fedisang taelo e jwalo ya pee kapa la fokotsa tjhelete, ka moo ho ka etsahalang ka teng.
Ha tjhelete e fokoditswe ho latela karolwana 5, 6 kapa 7, tjhelete e fokoditsweng e tla be e bokelleditswe ho latela dipehelo tsa dikaralwana tsa 1, 2, 3 le 4.
Ha e le hore motho ya ileng ho latela karolwana ya 1 o ile a laelwa ho lefa tjhelete, a hloleha ho lefa tjhelete e jwalo nakong e behuweng tsebisong e amehang, tswala ho yona e tla lefuwa ho tloha hang feela ka letsatsi le latelang mohla oo nako eo e fellwang ka ona, ka sekgahla seo boto e tlang ho se beha.
Inshorense kgahlanong le tshenyo kapa tahleho kapa ditleimi
Boto e tla hlophisa le rainshorense bakeng sa inshorense kgahlano le tshenyo kapa tahlehelo kapa ditleimi tse ka unwa tsa mofuta ofe kapa ofe tse ka kenngwang kgahlano le boto.
Bolokolohi dikolotong a Ha ho na molato o tlang ho na sekoloto se tlang ho ba sa Mmuso kapa boto ka baka la tahlehelo kapa tshenyo le ha e le efe e entsweng mothong ofe kapa ofe ka lebaka la ketso ya boto kapa komiti e thontsweng tlassa karolo ya 11 e kapa akgente, mohlanka kapa mosebeletsi wa boto tsebetsong kapa mosebetsing o tlasa Molao ona kapa melawana.
b Setho ho kenyelletsa setho se tshwereng mokobobo kapa mohlanka kapa mosebeletsi wa boto ha a na ho jara boikarabelo ba ketso kapa molato o entsweng ka botshepehi nakong ya ketso ya mosebetsi wa hae ho ya ka Molao ona kapa melawana.
Ho se kenyelletswe ha dinaha kapa dibaka tse itseng
Molao ona ha o na ho sebetsa thomelong ya dihlahiswa tse senyehang le tshebedisong naheng kapa sebakeng le ha e le sefe se sa kenyelletswang ke Letona ka tsebiso Koranteng ya Mmuso ka tshebediso ya Molao ona.
Mesebetsi e mabapi le thomelo ya dihlahiswa tse senyehang tse hlahang ka ntle
Ha ho ile ha kotjwa motho ho tswa naheng le ha e le efe kapa sebaka, boto e e ka, ka tumello ya Letona mme tlasa dipehelo tseo le ka di behang, a ka etsetsa le bakeng sa motho ya jwalo mosebetsi o amang dihlahiswa tse senyehang tsa naha e jwalo kapa sebaka seo e tla kgonang ho se etsa ka hara Rephaboliki ho latela Molao ona.
Ditlolo le dikotlo
Motho le ha e le ofe ya-
a romelang dihlahiswa tse senyehang ntle le ho ingodisa botong e le moromedi ntle;
b romelang dihlahiswa tse senyehang ntle feela ka konteraka kapa tlhophiso e entsweng ke, ka kapa le tumello ya boto;
c amohelang sebaka seo e leng kou ya thomelo bakeng sa thomelo ntle ya dihlahiswa tse senyehang ho tswa ho mang kapa mang ntle le boto ntle feela le tlasa konteraka kapa tlhophiso e entsweng ke, kap kapa le tumello ya boto;
d fanang ka ditatemente tse fosahetseng ho boto kapa tsebiso, e tsejwang hore e fosahetse, mabapi le ntho e amanang le thomelo ya dihlahiswa tse senyehang;
e ntle feela le bakeng la Molao ona kapa melawana, kapa ka taelo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Afrika Borwa kapa ka tumello ya boto, a hlahisa seo a se fumaneng dikakanyong kapa dintlha tsa di fumaneng tlasa karolo ya 10c, o tla ba molato wa tlolo ya molao le ho ka fumantshwa kotlo ya tjhelete e sa feteng R5 000 kapa ho kwallwa nako e sa feteng dilemo tse tharo kapa bobedi tefiso e jwalo le ho kwallwa ho jwalo.
Ha motho ofe kapa ofe ya tshwaretsweng ho tlola molao ho karolwaneng ya 1 a ngodisitswe botong e le moromedi ntle, boto e ka hlakola ngodiso e jwalo bakeng sa nako eo e tlang ho e beha.
Melawana
Letona ka mora ho ikopanya le boto le ka etsa melawana ya-
a mesebetsi ya boto ho latela Molao ona, ntle le ho beha dipehelo tsa tshebetso tse hlahellang karolong ya 11c;
c tlhwekiso le polawo ya dikokwanahloko sebakeng le ha e le sefe sa poloko kapa thomelo se reretsweng dihlahiswa tse senyehang;
d maemo a tikoloho le mokgwa wa ho tshwara, ho tsamaisa le poloko e hlokehang bakeng la dihlahiswa tse senyehang;
e thomelo ya dihlahiswa tse senyehang;
f ngodiso botong ya baromedi ntle;
g lesedi leo baromedi ntle ba ka le fang boto;
h dipalopalo tse bolokilweng ke boto mabapi le thomelo ntle ya dihlahiswa tse senyehang;
i tjhelete e lefuwang bakeng sa ditshebeleteso se fanwang ke boto ho phethweng ha mesebetsi ya yona;
j ntlha le ha e le efe eo ho latela molao ona e hlokehang kapa e dumelletsweng ho behwa ho ka molawana, le ka kakaretso ka ntlha le ha e le efe le e bonang e hlokeha kapa e potlakile hore e ka behwa hore ho fihlellwe seo Molao ona o se reretsweng, mme kakaretso ya pehelo ena ha e na ho fella ka diratswana tse etetseng pele tsa karolwana ena.
Melawana e entsweng tlasa karolwana ya 1 e ka beha dikotlo bakeng sa tlolo ya kapa ho hloleha ho ikamahanya le dipehelo, e sa feteng dikotlo tse hlalositsweng karolong ya 24.
Tlhakolo ya melao
Ho ikamahantse ka dipehelo tse karolwaneng ya 2, Molao wa Taolo ya Thomelo Ntle ya Dihlahiswa tse Senyehang, 1926 Molao wa 53 wa 1926, Molao o Fetotsweng wa Taolo ya Thomelo Ntle ya Dihlahiswa tse Senyehang, 1935 Molao wa 31 wa 1935, Molao o Fetotsweng wa Taolo ya Thomelo Ntle ya Dihlahiswa tse Senyehang, 1954 Molao wa 30 wa 1954, Molao o Fetotsweng wa Taolo ya Thomelo Ntle ya Dihlahiswa tse Senyehang, 1957 Molao wa 50 wa 1957, Molao o Fetotsweng wa Taolo ya Thomelo Ntle ya Dihlahiswa tse Senyehang, 1979 Molao wa 1 wa 1979, e hlakotswe.
Tsebiso efe kapa efe, tumello, tiisetso kapa tokomane e fanweng, nehetsweng kapa ntshitsweng kapa konteraka le ha e le efe e kenetsweng tlasa pehelo ya molao ofe kapa ofe o hlakotsweng karolwaneng ya 1 e tla nkuwa e fanwe, nehetswe, ntshitswe, kenetswe tlasa Molao ona.
Sehloho se sekgutshwane le qalo
Molao ona o tla bitswa ka hore ke Molao wa Taolo ya Dihlahiswa tse Senyehang, 1983, mme o tla sebetsa ho tloha mohla o behuweng ke Mopresedente wa Naha ka tsebiso Koranteng ya Mmuso.
